Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:33 - BIBELE

33 Hosasane o tsohe ka madungwadungwana, ere hanghang ha letsatsi le tjhaba, o futuhele motse. Etlare ha Gaale le batho ba ka ho yena ba o kgahlanyetsa, wena o ba etse kamoo o ka etsang kateng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ka meso, ha letsatsi le tjhaba, o tlohe, mme o patele motse; bona, Gaale le batho bao a nang le bona ba tla tswela ho o lwantsha, mme o tla mo etsa kamoo o tla hopola kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:33
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Ha motho a hloka ba habo, empa a ena le hona ho itefella tjhelete ya topollo,


Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng.


Abimeleke le batho bohle ba neng ba ena le yena ba tsoha e sa le bosiu, ba lalla motse wa Shekeme ba le dihlopha di nne.


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


Botsa bahlankana bao ba hao, mme ba tla o bolella. Ka baka lena, ako hauhele bahlankana bana, hobane re tlile ka letsatsi la mokete. Ke a o rapela: Ako ba fe eng kapa eng eo o nang le yona, o be o fe le mora wa hao Davida.’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ