Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:24 - BIBELE

24 e le hore polao e ileng ya etswa ho bara ba mashome a supileng ba Jerubaale, le madi a bona a tsholotsweng, tsena di tle di botswe Abimeleke, ngwanabo bona, ya ba bolaileng; di botswe le banna ba Shekeme ba ileng ba mo thusa ho bolaya bana babo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


Madi a bona a tla phetetswa ka hlooho ya Joabe, le ka ditloholo tsa hae kamehla yohle. Empa Morena o tla sitsa Davida, le ditloholo tsa hae, le lelapa la hae, le terone ya hae, ka kgotso ya kamehla.”


Empa eitse ha Esetere a fihla kapele ho kgosi, yaba kgosi e laela ka mangolo hore morero wa Hamane o kgopo, oo a o reretseng Bajuda, o boyane le yena, le hore yena le bara ba hae ba fanyehwe sefateng seo ho fanyehwang batho ho sona.


O tjhekile lemena, a le tebisa, a wela hona lemeneng leo a le tjhekileng.


O jelwe ke bokgopo ba hae, sehloho sa hae se mo wetse hodimo.


“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.


“ ‘Ho rohakehe ya amohelang tjotjo, hore a bolaye motho, a tsholle madi a se nang molato!’ “Setjhaba sohle se re: ‘A ho be jwalo!’


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


Banna ba Shekeme ba lalla Abimeleke hodima dithaba. Ba kweta bohle ba neng ba feta ka tsela eo. Yaba Abimeleke o a tsebiswa.


Samuele a re: “Jwalokaha sabole ya hao e ile ya bolaela basadi bana ba bona, hara basadi bao, mmao le yena o tla bolaelwa ngwana.” Samuele a kgabelaka Akake dikotwana, moo Morena a ntseng a bona, a le Gilegale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ