Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:20 - BIBELE

20 Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe ho Abimeleke, mme o je beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo; mollo o ke o tswe le ho beng ba Sikeme le ba ntlo ya Millo, mme o je Abimeleke!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.


Ba putse ho ya ka mesebetsi ya bona, ho ya ka bobe ba diketso tsa bona; ba putse ho ya ka mesebetsi, mesebetsi ya matsoho a bona, o ba nee tse ba lokelang.


Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.


“Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’


Haeba kajeno le sebeleditse Jerubaale le ba lelapa la hae ka nnete le ka nepo, thabelang Abimeleke, mme le yena a ke a le thabele.


Jotame a matha, a baleha, a ya Beere. A aha teng ka baka la ho tshaba Abimeleke, ngwanabo.


Modimo a romela moya o mobe pakeng tsa Abimeleke le banna ba Shekeme. Banna bao ba Shekeme ba fetohela Abimeleke,


Bo-Abimeleke le sehlopha sa hae ba kgorohela pele, ba fihla ba ema kgorong ya motse. Dihlopha tse pedi tsona tsa kgorohela bohle ba neng ba le naheng, tsa ba bolaya.


Banna bohle ba Shekeme le ba Bethemilo ba phuthehela sefateng sa eike se Shekeme, moo ho nang le sefika, mme ba etsa Abimeleke kgosi ya bona hona teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ