Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:2 - BIBELE

2 “Ke a le kopa: Buang moo bana bohle ba Shekeme ba utlwang, le re: ‘Ho molemo ho lona ke hofe: Na ke ho buswa ke banna ba mashome a supileng, bao bohle e leng bara ba Jerubaale, kapa ke ho buswa ke monna a le mong feela?’ Hopolang hore nna le lona re nama e le nngwe le madi a le mang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A le keng le bueng le beng ba Sikeme, le re: Haele ho buswa ke batho ba mashome a supileng, bao e leng bohle bana ba Jerubbaale, kapa e le ho buswa ke motho a le mong feela, ho molemo ho lona ke hofe na? Hape, le hopole hobane ke nna masapo a lona le nama ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:2
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme Labane a re ho yena: “Ruri o lesapo la ka le nama ya ka!” Jakobo a hlola le yena kgwedi kaofela.


Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Baiseraele bohle ba kgobokanela Heborone, ho Davida, mme ba re: “Bona, re madi a le mang.


e leng mmele wa hae oo re leng ditho tsa wona.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Gideone a ba le bara ba mashome a supileng, ba tswetsweng ke yena, hobane o ne a nyetse basadi ba bangata.


Empa kajeno lona le tsohetse lelapa la ntate matla. Le bolaetse bara ba hae, e leng banna ba mashome a supileng, hodima lejwe le le leng, mme Abimeleke, mora wa lekgabunyane la hae, le mo entse kgosi ya banna ba Shekeme, hobane ke ngwanabo lona.


Abimeleke a ya tlung ya ntatae e Ofera, mme a bolaela bana babo, e leng banna ba mashome a supileng, bao e leng bara ba Jerubaale, hodima lejwe le le leng. Empa Jotame, mora wa Jerubaale wa ho fela, yena a sala, hobane o ne a ipatile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ