Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:16 - BIBELE

16 “Ka baka leo, na le sebeditse ka nnete le ka nepo, ka ho etsa Abimeleke kgosi? Na le entse Jerubaale le ba lelapa la hae hantle, ho ya kamoo diketso tsa hae di lokelang kateng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jwale, ha ekaba le entse ka nnete le ka bokgabane, ha le beile Abimeleke morena, mme ha ekaba le re, le entse Jerubbaale le ntlo ya hae hantle, la busetsa ho yena ka tshwanelo ya mosebetsi wa matsoho a hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:16
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.


Lelapa la Jerubaale, e leng Gideone, ba se ke ba hlola ba le bontsha teboho ya letho, bakeng sa molemo wohle oo Gideone a ileng a o etsetsa Baiseraele.


“Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’


Ntate o le lwanetse, a bea bophelo ba hae kotsing, a le namolela motsohong a Bamidiane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ