Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 9:15 - BIBELE

15 “Empa leoka la re ho difate: ‘Haeba le fela le ntlotsa hore ke be kgosi ya lona, tloong, le tshabele moriting wa ka, empa haeba le sa etse jwalo eka mollo o ka tswa meutlweng ya ka, wa tjhesa difate tsa dikedare tsa Lebanone.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Moutlwa wa re ho difate: Ha ekaba ke ka nnete le ntlotsang hore ke be morena wa lona, tlong, le tshabele moriting wa ka; ha ho se jwalo, mollo o ke o tswe moutlweng, o je dikedare tsa Lebanone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 9:15
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a araba Amasiya, kgosi ya Juda, a re: “Hlabahlabane ya Lebanone e kile ya romela molaetsa ho kedare ya Lebanone, ya re: ‘Nea mora wa ka moradi wa hao, a mo nyale!’ Yaba ho feta sebatana sa Lebanone, se fihla se hatakela hlabahlabane eo.


Difate tsa Morena di nwesetswa ke pula, dikedare tsa Lebanone tse lemilweng ke yena.


Lentswe la Morena le roba difate tsa dikedare, Morena o roba dikedare, kedare tsa Lebanone.


Motho ya matla o tla tshwana le twala, mosebetsi wa hae o tshwane le tlhase, motho eo a tjhe le mosebetsi wa hae, ho se be ya ka timang mollo oo.”


le beetswe le kedare tsa Lebanone, dikedare tse telele, tse phahameng, le dieike tsohle tsa Bashane;


Le theohela Egepeta le sa ntherisa, tshireletso le yo e batla ho Faro, le tshabele moriting wa Egepeta.


Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: Ka tshwele la kariki tsa ka, kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.


Motlotsuwa wa Morena, eo re phelang ka yena, o ila wela mameneng a bona; yena eo re neng re bua ka yena, re re: “Tlasa moriti wa hae re tla phela hara baditjhaba!”


Kutung ya sefate ho ile ha qhoma mollo, wa tjhesa makala, wa tjhesa le tholwana tsa sona; kahoo makala a nyantseng ha se na wona, ha se na le le ka etsang lere la puso.’ “Ena ke yona kodi-ya-malla, mme e tla nne e be kodi-ya-malla.”


Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.


Mahlaku a sona a ne a kgahleha, se behile haholo, mme ditholwana tsa sona di lekane ho jewa ke bohle. Dibatana tsa naha di ne di itshireletsa moriting wa sona, le dinonyana tse fofang di hahetse makaleng a sona, le dibopuwa tsohle di phela ka sona.


Ba tla boela ba dula moriting wa sona, ba leme mabele, ba a tjhaye haholo, ba etse dithunthung jwaloka fate sa morara, botumo ba bona e ke ba veine ya Lebanone.


“Mollo o qhomme Heshebone, kgabo ya tlola motseng wa Sihone, ya metsa Are-Moabe, le marena a dihlaba tsa Arenone.


Ke yona e nyenyane ho feta dipeo tsohle, empa ha e se e hotse, e feta ditlama tse ding tsohle ka boholo, e be sefate seo dinonyana tse fofang di ahelang makaleng a sona.”


“Jwale difate tsohle tsa re ho leoka: ‘Tloo, o be kgosi ya rona.’


“Ka baka leo, na le sebeditse ka nnete le ka nepo, ka ho etsa Abimeleke kgosi? Na le entse Jerubaale le ba lelapa la hae hantle, ho ya kamoo diketso tsa hae di lokelang kateng?


Empa haeba ho se jwalo, eka mollo o ka tswa ho Abimeleke, wa tjhesa banna ba Shekeme le ba Bethemilo, mme eka mollo o ka tswa ho banna ba Shekeme le ho ba Bethemilo, wa tjhesa Abimeleke.”


Bo-Abimeleke le sehlopha sa hae ba kgorohela pele, ba fihla ba ema kgorong ya motse. Dihlopha tse pedi tsona tsa kgorohela bohle ba neng ba le naheng, tsa ba bolaya.


Batho bohle ba mo etsisa, e mong le e mong a ithemela lekala. Ba latela Abimeleke, ba tshetleha makala qhobosheaneng, ba tjhesa qhobosheane ka makala ao. Batho bohle ba neng ba le ka toreng ya Shekeme, bao e neng e ka ba banna le basadi ba sekete, ba eshwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ