Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:5 - BIBELE

5 A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ebile o re ho batho ba Sukkothe: Neang banna bao ke nang le bona bohobe, etswe ba kgathetse, ke tle ke phallele Seba le Tsalmunna, marena a Midiane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Meleki-Sedeke, kgosi ya Salema, a mo tlisetsa bohobe le veine. Meleki-Sedeke e ne e le moprista wa Modimo ya hodimodimo. Yaba o hlohonolofatsa Aborame, o re:


Jakobo yena a ya Sukote, a ikgahela ntlo teng, a hahela le mehlape ya hae masaka. Ka baka leo, a rea sebaka seo lebitso la Sukote.


O mokgele ho ba o tshabang, hore ba phonyohe metsu ya sera,


hobane ha ba a ka ba le thusa ka dijo le ka metsi leetong la lona ha le etswa Egepeta. Hape ba ile ba le neella ka Bileame, mora wa Beore, ha le le Petore e Mesopotamia, hore a le rohake.


“ ‘Rohaka Merose,’ ho rialo ngeloi la Morena, ‘O rohake, o rohake le baahi ba yona, hobane ha ba a ka ba thusa Morena, ha ba a ka ba thusa Morena direng tsa hae.’


Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi.


Bo-Seba le Salemuna ba baleha, empa Gideone a ba phaladisa. A tshwara dikgosi tseo tse pedi tsa Bamidiane, e leng Seba le Salemuna, mme lebotho lohle la phasaphasa.


Gideone a fihla ho banna ba Sukote, a re ho bona: “Bonang bo-Seba le Salemuna, bao le ileng la nnyedisa ka bona, la re: ‘Na bo-Seba le Salemuna o se o ba tshwere, hoo re ka fang banna ba hao, ba kgathetseng, bohobe?’ ”


Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ