Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:4 - BIBELE

4 Yaba Gideone le bahlabani ba makgolo a mararo ba neng ba ena le yena ba tshela noka ya Jorodane, ba kgathetse, empa ba ntse ba phaladisa Bamidiane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Gideone ha a fihla Jordane, a e tshela a ena le banna ba makgolo a mararo bao a nang le bona, ba se ba kgathetse, ba mpa ba ntse ba phallela Bamidiane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, ha re tepelle. Leha botho ba rona ba nama bo senyeha, botho ba moya bona bo ntjhafala ka letsatsi le letsatsi.


Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.


Ba tshwara mahosana a mabedi a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe. Ba bolaela Orebe lefikeng le Orebe, Seba yena ba mmolaela setlhotlelong sa Seba. Ba phaladisa Bamidiane, mme hlooho ya Orebe le hlooho ya Seba ba di isa ho Gideone a le mose ho Jorodane.


Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela.


Empa Davida a tswela pele ho ba phallela, a ena le banna ba makgolo a mane, hobane ba makgolo a mabedi ba neng ba kgathetse hoo ba ileng ba sitwa ho tshela molatswana wa Besore, ba ile ba sala.


Jwale Davida a botsa Morena, a re: “Na nka phallela bahlasedi bale? Ebe ke tla ba fumana?” Morena a mo araba, a re: “Ba phallele, hobane o tla fela o ba fumane, o be o ba hlatsise tsohle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ