Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:34 - BIBELE

34 Bana ba Iseraele ba se ke ba hlola ba sa hopola Morena Modimo wa bona, ya neng a ile a ba namolela matsohong a dira tsohle tsa bona, tse neng di ba potapotile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Bana ba Iseraele ha ba ka ba hopola Jehova, Modimo wa bona, ya ba namoletseng matsohong a dira tsohle tsa bona tse ba teetseng hare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:34
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mollo wa tuka hara sehlopha sa bona, malakabe a wona a tjhesa bao ba kgopo.


Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta,


Ba lebala diketso tsa hae, ba lebala le dimakatso tsa hae, tseo a ba bontshitseng tsona.


Ba lebala matla a letsoho la hae, le letsatsi leo ka lona a neng a ba lopolle direng tsa bona,


Hopola Mmopi wa hao o sa le motjha, matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla, ho eso tle dilemo tseo ka tsona o tla re: “Ha ke sa thabiswa ke letho ho tsona!”


Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae, monyaduwa a lebala aparo tsa hae? Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse, se ntebetse ka ditshiu di se na palo!


Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.


Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.


“Feela le itlhokomele, le be hlokolosi, esere la lebala dintho tseo le di bonang ka mahlo a lona, kapa tsa hlakoha dipelong tsa lona ka matsatsi wohle a bophelo ba lona. Empa lona le di tsebise bana ba lona, le ditloholo tsa lona.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ