Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.
Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More.
Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.