Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:28 - BIBELE

28 Bamidiane ba kokobetswa jwalo, kapele ho bana ba Iseraele, ba se ke ba hlola ba tsosa mohlahla. Mehleng eo ya Gideone naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Bamidiane ba kokobetswa jwalo pela bana ba Iseraele; mme ha ba ka ba hlola ba emisa dihlooho tsa bona. Mme lefatshe la phomola ka dilemo tse mashome a mane mehleng ya Gideone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:28
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo.


Morena wa mabotho o tla ba hweba ka phafa, jwaloka mohla a otlang Bamediane fikeng la Orebe. Molamu wa hae o tla o phahamisa hodima lewatle, jwalokaha a na o phahamise hodima Egepeta.


Joko e neng e se imela, le molamu o neng o le mahetleng a sona, le thupa ya mohlorisi wa sona, tsena o di robile sa mohla o hlolang Bamede.


Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.


Ka lona letsatsi leo, Bamoabe ba hlolwa, ba ba katlasa Baiseraele. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a robedi.


“Dira tsohle tsa hao a di ke di timele, Morena, empa ba o ratang ba be jwaloka letsatsi, letsatsi ha le tjhaba ka matla a lona.” Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane.


Ka tsena yaba Gideone o etsa setipe seo a ileng a se bea kahara motse wa hae wa Ofera. Baiseraele bohle ba kwenehela Morena ba kgumamela setipe seo, mme sa fetoha leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.


Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng.


Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ