Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:24 - BIBELE

24 Gideone a boela a re ho bona: “Ke etsa kopo ho lona ya ho re e mong le e mong wa lona a ke a nnee masale ao a a hapileng.” Dira tsa bona di ne di ena le masale a entsweng ka kgauta, hobane e ne e le Baishemaele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Gideone a boela a re ho bona: Ke kopa ntho e le nngwe ho lona, ke re: Nneeng e mong le e mong mefitshana eo le e hapileng. Hobane Bamidiane ba ne ba na le mefitsana ya kgauta, etswe e ne e le Baishmaele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:24
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.


Yaba mohlanka o ntsha mekgabiso ya silefera le mekgabiso ya kgauta, le diaparo, o di nea Rebeka. A nea le kgaitsedi ya hae le mmae dimpho tsa bohlokwa.


Lena ke leloko la Ishemaele, mora wa Aborahama, eo Hagare wa Moegepeta, lekgabunyane la Sara, a ileng a mo tswalla Aborahama.


Ana ke mabitso a bara ba Ishemaele ka ho hlahlamana ha tswalo ya bona: Nebajote, letsibolo la Ishemaele, le Kedare, le Adabeele, le Mibesame


Ba nea Jakobo medimo esele kaofela ha yona, le masale a neng a le ditsebeng tsa bona; tsena tsohle Jakobo a di tjhekela tlasa sefate sa eike, pela Shekeme.


Jwale ba dula fatshe, ba eja. Yare ha ba phahamisa mahlo ba bona mokoloko wa Baishemaele ba tswang Gileade, ba le leetong, ba ya Egepeta, dikamele tsa bona di belesitswe boroku, le ditlolo, le mmira.


Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.


Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Mmolelleng, le re: ‘Sentle ke ho boya le marumo le thebe; re tla boka ha di oraha.’ ”


Bana ba Iseraele ba etsa ho ya kamoo Moshe a neng a ba laetse kateng, ba kopa Baegepeta hore ba ba fe dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo.


Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone.


A nka masale ao matsohong a Baiseraele, a a qhibidihisa, a bopa namane ya kgauta ka wona. Yaba ba re: “Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!”


Se se se kgelohile kapele tseleng eo ke se laetseng yona. Se ipopetse namane ya kgauta, mme se e kgumametse, sa ba sa e etsetsa mahlabelo, sa re: ‘Ona ke wona modimo wa hao, wena Iseraele, o o nyolotseng naheng ya Egepeta!’ ”


Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.


Ba araba, ba re: “Re tla o nea wona re sa kganane.” Ba ala kobo fatshe, monna e mong le e mong a akgela masale ao a a hapileng hodima yona.


Jwale le re ke nke bohobe ba ka, le metsi a ka, le nama ya ka, eo ke e hlabetseng bakuti ba ka, ke di nee batho bao ke sa tsebeng le moo ba tswang teng?”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ