Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:21 - BIBELE

21 Jwale bo-Seba le Salemuna ba re ho Gideone: “A ho eme wena ka sebele, o re bolaye, hobane wena o na le matla a bonna.” Gideone a ema, a bolaya bo-Seba le Salemuna; a nka mekgabiso e neng e le melaleng ya dikamele tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jwale, Seba le Tsalmunna ba re ho yena: Ema wena, o re bolaye, hobane motho kamoo a leng kateng, matla a hae le wona a jwalo. Yaba Gideone o ema, a bolaya Seba le Tsalmunna, a nka le maphaketsana a rwesitsweng melaleng ya dikamele tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba neng ba timele Ene-Dore, ba fetoha moitedi mobung.


Etsa hore marena a bona a tshwane le Orebe le Seebe, mahosana wohle a bona a tshwane le Seba le Salemuna,


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ba amoha mekgabiso: mefitshane le meqhaka le difaha tsa molala;


Kamora tsena Joshua a otla dikgosi tseo, a di bolaya, a di leketlisa difateng tse hlano. Ditopo tsa tsona tsa leketla difateng moo ho fihlela mantsiboya.


Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.


Ba re ho yena: “Re theohetse kwano ho tla o tlama, re neelana ka wena matsohong a Bafilesita.” Samosone a re ho bona: “Ntlhapanyetseng hore lona le ke ke la mpolaya.”


A re ho Jetere, letsibolo la hae: “Ema, o ba bolaye!” Empa mohlanka a se ke a tsomula sabole ya hae, hobane o ne a tshaba, kaha a ne a sa le monyenyane.


Jwale banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, wena le mora wa hao, le setloholo sa hao, hobane o re namoletse matsohong a Bamidiane.”


Boima ba masale ao Gideone a neng a ile a a kopa ya eba dikilo tse ka bang mashome a mabedi, ntle ho dikgaretsana, le mekgabiso, le diaparo tse entsweng ka lesela le perese, tse neng di aparwa ke dikgosi tsa Midiane; le kantle ho diketane tse neng di le melaleng ya dikamele tsa bona.


Kapelepele Abimeleke a bitsa mohlankana ya jereng dihlomo tsa hae, a re ho yena: “Tsomula sabole ya hao, o mpolaye, esere ba nna ba bua ka nna, ba re: ‘O bolailwe ke mosadi.’ ” Mohlankana eo a mo phehletsa ka sabole, yaba o a shwa.


Ntwa ya imela Saule. Banna ba diqha ba fula Saule ka metsu, mme a tswa kotsi e mpe.


Ha mojari wa dihlomo tsa hae a bona hore Saule o shwele, le yena a itihela hodima sabole ya hae, ba shwa bobedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ