Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:2 - BIBELE

2 Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 A re ho bona: Homme mosebetsi ke entse ofe o ka bapiswang le wa lona na? Ha ke re, ho kgwahlapisa ha Efraime ho fetisa kotulo ya merara ya Abiesere na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ha le kotula masimo a lona, le se ke la kotudisisa ho ya fihla meeding, mme le se ke la kgwahlapisa moo le seng le kotutse teng.


Bana ke bara ba Gileade: Iesere, ya tswetseng morabe wa Iesere; le Heleke, ya tswetseng morabe wa Heleke;


Lengeloi la Morena la fihla, mme la dula katlasa sefate sa eike se Ofera, seo e neng e le sa Jowashe, wa Moabiesere. Gideone, mora wa Jowashe, o ne a ntse a polela koro setlhotlelong sa veine, hore a e patele Bamidiane.


Moya wa Morena wa aparela Gideone, a letsa lenaka, mme Baabiesere ba bokellana, ba mo latela.


Banna ba morabe wa Efraime ba re ho Gideone: “Ke eng ee, eo o re entseng yona, ha o sa ka wa re mema ha o futuhela Bamidiane?” Yaba ba mo nyatsa haholo ka taba ena.


Modimo o neelane ka mahosana a Bamidiane, e leng Orebe le Seebe, matsohong a lona. Nna ke entse eng e ka bapiswang le seo le se entseng?” Hoba a bue tjena, kgalefo ya bona ya kokobela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ