Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:18 - BIBELE

18 Jwale Gideone a re ho Seba le ho Salemuna: “Banna bao le ba bolaetseng Tabore ba hokae?” Ba araba, ba re: “Ba ne ba tshwana le wena, e mong le e mong wa bona eka ngwana wa kgosi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A ntoo re ho Seba le Tsalmunna: Banna bao le ba bolaileng Thabore e ne e le ba jwang? Ba re: Ba ne ba tshwana le wena; e mong le e mong e ne e ka mora morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:18
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya a botsa, ya re: “E ne e le motho ya jwang, eo ya ileng a nyoloha ho tla le kgahlanyetsa, mme a le bolella ditaba tsee?”


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng.


Mathekeng ba ne ba itlamme ka dinyepa, dihloohong ba rwetse dikatiba tse ebeselang, kaofela ha bona ba ne ba ka mahosana a Bakalatiya, matswallwa a Babilona.


Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona.


Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.


A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.


A heletsa tora ya Penuele, a bolaya banna ba motse oo wa Penuele.


A re ho bona: “Bao e ne e le bana beso, ba tswetsweng ke mme. Ke hlapanya ka Morena ya phelang, hore hoja la se ke la ba bolaya, le nna ke ne nke ke ka le bolaya.”


A re ho banna ba Sukote: “A le ke le fe bahlabani bana ba tsamayang le nna bohobe, hobane ba kgathetse; nna ke sa ntse ke phaladisa Seba le Salemuna, dikgosi tsa Bamidiane.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ