Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 8:11 - BIBELE

11 Gideone a nyoloha ka tsela e sebediswang ke ba phelang ditenteng, ka botjhabela ho Noba le Jogeboha, a tsometsa lebotho leo, a le bolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, Gideone a nyoloha ka tsela ya ba ahileng ditenteng, nqa botjhabela ho Noba le Jogbeha, mme a qhala makgotla wohle, makgotla a sa iketlile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 8:11
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Atarote-Shofane, le Jasere, le Jogeboha;


Noba a futuhela Kenate le metsana e e potapotileng, mme a e hapa, a e reella ka yena, a re ke Noba.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Ba nka dintho tseo Mmika a neng a di entse, ba nka le moprista wa hae, ba fihla Laishe, setjhabeng sa kgotso, se iketlileng, ba se bolaya ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.


Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi.


Bo-Seba le Salemuna ba baleha, empa Gideone a ba phaladisa. A tshwara dikgosi tseo tse pedi tsa Bamidiane, e leng Seba le Salemuna, mme lebotho lohle la phasaphasa.


Yaba Samuele o re: “Ntlisetseng Akake, kgosi ya Baamaleke.” Akake a ya ho Samuele a thabile. Yaba Akake o re: “Ruri bohloko ba lefu bo fetile!”


Mohlankana a mo isa ho sona, mme a fumana Baamaleke ba hasahasane hara naha, ba eja, ba enwa, ba hobela, ba thabetse kgapo e ngata eo ba neng ba e nkile naheng ya Bafilesita le naheng ya Juda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ