Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:9 - BIBELE

9 Ka bona bosiu boo Morena a re ho Gideone: “Tsoha, o theohele diahelong tsa Bamidiane, hobane ke neelane ka tsona matsohong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Bosiung bona boo, Jehova a re ho yena: Ema, o theohele diahelong, etswe ke di neetse matsohong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:9
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”


Menahanong ya ka, ya ditoro, bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katela,


Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;


Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”


Lengeloi la Modimo wa ka, eo ke mo sebeletsang, le ile la fihla ho nna bosiung bona,


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”


Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”


Moya wa Morena wa theohela hodima hae, ya eba moahlodi wa Baiseraele. A futuha, mme Morena a neelana ka Kushane-Rashataime, kgosi ya Arame, matsohong a hae. Oteniele a hlola Kushane-Rashataime.


Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.


Haeba o tshaba ho theoha o le mong, theohela teng le Pura, mohlanka wa hao.


Ba nka dijo tsa setjhaba, le manaka a bona. E mong le e mong wa banna bohle ba Baiseraele a romelwa tenteng ya hae, empa banna ba makgolo a mararo bona ba sala. Diahelo tsa Bamidiane di ne di le tlasa bona, ka kgohlong.


Jwale Jonathane a re: “Bona, re tla fetela ho banna bao, mme re etse hore ba re bone.


Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a mo araba, a re: “Ema, o theohele Keila, hobane ke tla neelana ka Bafilesita matsohong a hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ