Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:8 - BIBELE

8 Ba nka dijo tsa setjhaba, le manaka a bona. E mong le e mong wa banna bohle ba Baiseraele a romelwa tenteng ya hae, empa banna ba makgolo a mararo bona ba sala. Diahelo tsa Bamidiane di ne di le tlasa bona, ka kgohlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba ba makgolo a mararo ba nka mofaho wa setjhaba matsohong a bona le diterompeta tsa sona; Baiseraele ba bang bohle Gideone a ba kgutlisetsa e mong le e mong tenteng ya hae, a thibela batho ba makgolo a mararo. Haele diahelo tsa Bamidiane, di ne di le katlase ho yena, lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:8
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka lona tsatsi leo, ho tla letswa lenaka le leholo, mme ba neng ba le lekgatheng la ho shwela naheng ya Asiria, le ba neng ba leleketswe naheng ya Egepeta, ba tla kgutla, ba kgumamele Morena thabeng e halalelang e Jerusalema.


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.


“Naheng ya lona, ha le futuha, le eya ho lwantsha sera se le hateletseng, le tla hlaba mokgosi ka diterompeta. Le tla hopolwa ke Morena Modimo wa lona, mme le tla pholoswa direng tsa lona.


hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha.


Yaba setjhaba se a howa, le baprista ba letsa manaka. Yare ha setjhaba se utlwa modumo wa manaka, sa howa haholo, mme lerako la helehela fatshe. Setjhaba sa kena ka motseng, monna ka mong a tobile pele feela, mme ba hapa motse oo.


Baprista ba supileng ba tsamaye kapele ho areka ba nkile manaka a supileng a pheleu. Ka letsatsi la bosupa le potolohe motse ka makgetlo a supileng, baprista ba letse manaka.


Ha a fihla naheng e maralla ya Efraime a letsa lenaka. Bana ba Iseraele ba tloha naheng e maralla, ba theoha, yena a ba eteletse pele.


Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.


Yaba Morena o re ho Gideone: “Ke tla le namolela ka banna ba makgolo a mararo, ba ileng ba qapha metsi, ke neelane ka Bamidiane matsohong a hao. Ere batho ba bang bohle ba tsamaye, e mong le e mong a ikele ha hae.”


Ka bona bosiu boo Morena a re ho Gideone: “Tsoha, o theohele diahelong tsa Bamidiane, hobane ke neelane ka tsona matsohong a hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ