Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:2 - BIBELE

2 Morena a re ho Gideone: “Batho bao o nang le bona ba bangata haholo, hoo nke keng ka neelana ka Bamidiane matsohong a bona, esere Baiseraele ba ikgohomosetsa nna, ba re: ‘Ke rona ba ipholositseng.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova a re ho Gideone: Setjhaba seo o nang le sona se seholo haholo, hoo ke sitwang ho neela Bamidiane matsohong a sona, esere mohlomong Baiseraele ba ithorisa bakeng sa ho rorisa nna, ba re: Re namoletswe ke matsoho a rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:2
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a bua le Iseraele ka pono, bosiu, a re: “Jakobo! Jakobo!” Yena a re: “Ke nna enwa!”


Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”


hobane kgosi eo e re: “Hona ke ho entse ka matla a matsoho a ka, le ka bohlale ba ka, hobane ke na le kutlwisiso; ke ile ka suthisa meedi ya ditjhaba, ka hapa le matlotlo a tsona; jwaloka ya matla ka kokobetsa baahi ba tsona.


Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Ka baka la botle ba hao o ila ikakasa, tlotla ya hao ya silafatsa bohlale ba hao; kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe, ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!


“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


Kahoo se etsetsa letlowa la sona mahlabelo, diketswana le tsona di tjhesetswe mokubetso, hoba ke ka tsena se phelang ka boiketlo, le dijo tsa sona ke dimenyemenye.


“Morena o tla pholosa ditente tsa Juda pele, e le hore tlotla ya ntlo ya Davida le tlotla ya baahi ba Jerusalema e tle e se ke ya feta ya Juda.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Le tla ntsha banna ba sekete morabeng o mong le o mong wa merabe yohle ya Iseraele, hore ba ye ntweng.”


o se ke wa ikgohomosetsa makala a kgaotsweng. O ka ikgohomosa kang, e se wena ya fepang motso, e le motso o o fepang?


Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.


hoja ha ke tswafe ho thabisa sera, sa tshoha se ithorisa, se re: Ke ka matsoho a rona re ba hlotseng, hase Morena ya entseng tsena tsohle.’


Ho seng jwalo, ka dipelong tsa lona le ne le tla re: ‘Matla a rona, le matla a matsoho a rona, ke wona a re ruisitseng.’


Empa le hopole Morena Modimo wa lona, hobane ke yena ya le neang matla a hore le rue, hore a phethahatse selekane sa hae, seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona, jwaloka kajeno.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ