Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:19 - BIBELE

19 Ka mokgwa o jwalo Gideone le banna ba nang le yena ba fihla thekong e kathokothoko ya diahelo hara mpa ya bosiu, ha ho kena balebedi ba bosiu. Ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana e matsohong a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha ho le jwalo, Gideone a tsamaya le batho ba lekgolo bao a nang le bona, ba fihla pheletsong ya diahelo, ho sa qalwa tebelo ya bosiu bo boholo, ho sa tswa bewa balebedi. Ba letsa diterompeta, mme ba pshatla dinkgo tse matsohong a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:19
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.’ ”


Mahlong a hao dilemo tse sekete di ka letsatsi la maobane le seng le fetile, di ka nakwana ya bosiu.


E sa le ka madungwadungwana, Morena a le kahara leru le lopaletseng, le kahara kganare ya mollo, a tadima mabotho a Baegepeta, mme a a ferekanya.


“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’


Le lona le tseba hantle hore Letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu le tlang bosiu.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


Gideone a arola bahlabani ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo. A nea monna e mong le e mong lenaka, le mopotjwana o se nang letho, haese serumola feela kahara wona.


Ha nna le bohle bao ke nang le bona re letsa manaka, le lona le tle le letse manaka ka mahlakoreng wohle a diahelo, mme le re: ‘Ka Morena le ka Gideone!’ ”


Banna ba dihlopheng tsena tse tharo ba letsa manaka, ba pshatla mepotjwana, ba nka dirumola ka matsoho a matshehadi, ka a matona ba nka manaka ao ba tla a letsa, ba howa, ba re: “Ka sabole ya Morena le ya Gideone!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ