Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:16 - BIBELE

16 Gideone a arola bahlabani ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo. A nea monna e mong le e mong lenaka, le mopotjwana o se nang letho, haese serumola feela kahara wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A arola ba makgolo a mararo dihlopha tse tharo, a nea e mong le e mong terompeta letsohong la hae, le dinkgo tse feela tse nang le dirumula kahare ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:16
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a arola mabotho a hae dihlopha, a ena le bahlanka ba hae, ba ba hlasela bosiu, ba ba lelekisa ho ya fihla Hoba e ka leboya ho Damaseka.


A arola bahlabani mabotho a mararo. Molaodi wa lebotho la pele e ne e le Joabe; wa lebotho la bobedi e le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe; wa lebotho la boraro e le Itai wa Mogate. Kgosi ya re ho bahlabani: “Le nna ka nama, ke tla futuha le lona.”


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.”


Yaba Gideone o re ho bona: “Ntadimeng, mme le nketsise. Bonang mona, e tle ere ha ke fihla kathokothoko ho diahelo, le nketsise.


Ka la hosasane Saule a arola setjhaba dihlopha tse tharo. Setjhaba sa fihla sa ikakgela kahara diahelo tsa Baamone e sa le ka madungwadungwana. Sa bolaya Baamone ho fihlela ha tsatsi le le hloohong tsa mengala. Masalla a Baamone a phasaphasa, ha se ke ha eba le ba babedi ba balehang ba le mmoho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ