Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:14 - BIBELE

14 Molekane wa hae a araba, a re: “Toro ena ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora wa Jowashe, monna wa Moiseraele. Modimo o neelane ka Bamidiane le lebotho lohle matsohong a hae.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Molekane wa hae a araba, a re: Toro eo ha e bolele letho, haese sabole ya Gideone, mora Joase, monna wa Iseraele. Modimo o neetse Bamidiane le diahelo tsohle matsohong a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:14
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae!


Bileame a re ho Balake: “Bona he, ke se ke le teng. Ke na le matla afe a ho bua letho? Ke tla bua feela seo Modimo a reng ke se bue.”


Bona, ke laetswe hore ke hlohonolofatse; o hlohonolofaditse, mme nke ke ka fetola.


Morena a bolella Bileame hore na a tle a reng, a nto re ho yena: “Kgutlela ho Balake mme o bue tjena.”


Ba re ho Joshua: “Ruri Morena o re neile naha eo yohle; ho feta mona, baahi bohle ba yona ba tshositswe haholo ke ho utlwa hore re a tla.”


A re ho banna bao: “Ke a tseba hore Morena o le neile naha ena, le hore rona re a le tshaba, le hore baahi bohle ba naha ena le ba nyahamisitse dipelo.


Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.


Yaba o re ho bona: “Ntateleng, hobane Morena o neelane ka dira tsa lona, e leng Bamoabe, matsohong a lona.” Ba theoha ba mo latetse, ba hapa madiboho a Jorodane ao Bamoabe ba tshelang ho wona, mme ba se ke ba dumella le ya mong ho tshela.


Ha Gideone a fihla a utlwa monna e mong a phetela molekane wa hae toro eo a e lorileng, a re: “Mamela, ke lorile toro, mme ka bona kuku e entsweng ka phofo ya harese e thetehela kahara diahelo tsa Bamidiane. Ya fihla tenteng, ya e thula, yaba tente e a wa, e a phethoha, e putlama fatshe.”


Ha Gideone a se a utlwile tsa toro le tlhaloso ya yona, a kgumama, a nto kgutlela diahelong tsa Baiseraele. A fihla, a re: “Tsohang, hobane Morena o neelane ka lebotho la Bamidiane matsohong a lona.”


Banna ba laletseng ba bitsa Jonathane le mojari wa dihlomo tsa hae, ba re: “Nyolohelang ho rona mona, mme re tla le ruta pula!” Jonathane a re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nyoloha, o ntatele, hobane Morena o neelane ka bona matsohong a Baiseraele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ