Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:12 - BIBELE

12 Bamidiane, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba ne ba hwaramane ka kgohlong jwaloka boiyane ba ditsie. Dikamele tsa bona di ne di ke ke tsa balwa, di le kaa ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bamidiane, le Baamaleke, le bana ba Botjhabela kaofela ba ne ba phatlaletse lehwatateng ba le ka ka ditsie, le dikamele tsa bona di se na palo, di le ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.


Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta.


Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.


Kgosi ha e ke a fenye, ha e ke e fenye ka baka la dimphihadi tsa yona, mohale ha a ke a hlole, ha a ke a hlole ka baka la bonatlahadi ba hae.


Moru wa Egepeta ba tla o kgethula,” ho rialo Morena, “ba o kgethule leha o opane haholo, hobane ba feta le ditsie ka boiyane, palo ya bona hase e ka ba ya balwa.


Bana ba futuha, e le bona le mabotho wohle a bona. E ne e le batho ba bangata, ba jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle; e le letshwele, le dipere, le dikariki tsa ntwa tse ngata.


E ne e ye ere ha Baiseraele ba jetse, Bamidiane, le Baamaleke, le ba merabe ya Botjhabela, ba nyolohe, ba futuhele Baiseraele.


Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.


Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.


Ha Gideone a fihla a utlwa monna e mong a phetela molekane wa hae toro eo a e lorileng, a re: “Mamela, ke lorile toro, mme ka bona kuku e entsweng ka phofo ya harese e thetehela kahara diahelo tsa Bamidiane. Ya fihla tenteng, ya e thula, yaba tente e a wa, e a phethoha, e putlama fatshe.”


Bo-Seba le Salemuna ba ne ba le Karakore, ba ena le mabotho a bona, ao e neng e ka ba banna ba dikete tse leshome le metso e mehlano. E ne e le bona feela ba neng ba ile ba sala lebothong la ditjhaba tsa botjhabela. Bahlabani ba neng ba ile ba bolawa e ne e le dikete tse lekgolo le mashome a mabedi.


Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.


Davida a ba bolaya ho tloha ka shwalane, ho ya fihla phirimaneng ya letsatsi le hlahlamang. Ha se ke ha phonyoha le ya mong wa bona, haese bahlankana ba makgolo a mane, ba ileng ba lwabela dikamele, ba baleha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ