Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 7:1 - BIBELE

1 Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Jerubbaale, e leng Gideone, o tsoha e sa le hosasa, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, mme ba emisa sedibeng sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane tsona di ne di le ka nqa leboya ho Gideone, pela lerallana la More, lehwatateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 7:1
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.


Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.


le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Dithaba tsena di kamose wane ho Jorodane, tseleng e ka bophirimela, naheng ya Bakanana ba ahileng phuleng, malebana le Gilegale, pela dieike tsa More.


Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.


Joshua a tsoha ka madungwadungwana, baprista ba jara areka ya Morena.


Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.


Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.


Modimo a etsa jwalo hona bosiung boo. Ha tsoha ho omme boya ba nku feela, empa hohle fatshe ho letse phoka.


Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng.


Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.


Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ