Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:33 - BIBELE

33 Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Yaba Bamidiane kaofela le Baamaleke le bana ba Botjhabela ba phutheha, ba tshela Jordane, mme ba emisa lehwatateng la Jisreele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:33
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a tswela pele leetong la hae, a ya fihla naheng ya baahi ba ka botjhabela.


Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele.


Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.


Bohlale ba Solomone bo ne bo feta bohlale ba batho bohle ba Botjhabela, le ba batho bohle ba Egepeta.


Ba futuhela Bahagare, le Bajeture, le Banafishe, le Banodabe.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Pesalema ya Davida ha a baleha mora hae Abosalome.


ka baka lena, ke tla neelana ka lona ho banna ba tswang Botjhabela, le be bahlanka ba bona. Ba tla hloma ditente tsa bona hara lona, ba hahe teng. Ba tla ja ditholwana tsa lona, ba nwe lebese la lona.


Mohlang oo seqha sa Iseraele ke tla se roba, ke se robele kgohlong ya Jesereele.”


Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”


Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme,


metsi a phallelang tlase a ema, a kokomoha, a iketsa lekaka le yang morao, ho tloha motseng wa Adama, o haufi le Saretane. Metsi a phallelang Lewatleng la Araba, e leng Lewatle la Letswai, a kgaotsa ho phalla. Setjhaba sa tshela malebana le Jeriko.


E ne e ye ere ha Baiseraele ba jetse, Bamidiane, le Baamaleke, le ba merabe ya Botjhabela, ba nyolohe, ba futuhele Baiseraele.


Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More.


Yaba Gideone o romela maqosa naheng yohle ya Efraime e maralla, o re: “Theohang, le futuhele Bamidiane. Le ba thibele madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.” Banna bohle ba morabe wa Efraime ba phutheha, mme ba thiba madiboho a Jorodane, ho ya fihla Bete-Bara.


Ba nka dijo tsa setjhaba, le manaka a bona. E mong le e mong wa banna bohle ba Baiseraele a romelwa tenteng ya hae, empa banna ba makgolo a mararo bona ba sala. Diahelo tsa Bamidiane di ne di le tlasa bona, ka kgohlong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ