Baahlodi 6:24 - BIBELE24 Gideone a hahela Morena aletare moo, mme a e rea lebitso la “Morena ke kgotso”. Le kajeno-ya-bokajeno e ntse e le teng sebakeng se bitswang Ofera, seo e leng sa Baabiesere. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)24 Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Jwale Jeshua, mora wa Josadake, a ema, a ena le bana babo, e leng baprista, le Serubabele, mora wa Shealetiele, le yena a ena le bana babo. Bana bohle ba haha aletare ya Modimo wa Iseraele, hore ba tle ba nyehelle dinyehelo tsa setjheso hodima yona, jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Moshe, moporofeta wa Modimo.