Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:19 - BIBELE

19 Yaba Gideone o kena ka tlung ya hae, o hlaba potsanyane, o a e pheha, mme ka phofo e thumisehileng, e ka bang boima ba dikilo tse leshome, a etsa dikuku tse sa lomoswang. A nka nama, a e kenya ka serotong, a tshela moro ka pitseng, a di tlisetsa Morena a le katlasa sefate sa eike, a mo nea tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Gideone o ya, a lokisa potsanyane, a nka le efa ya phofo, a etsa dinkgwana tse se nang ditomoso; a bea nama serotong, a tshela moro pitseng; a mo tlisetsa tsona tlasa sefate sa terebinthe, mme a mmeela tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:19
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a re: “Morena wa ka, haeba kajeno o nkgauhetse, ke a o rapela, o se ke wa feta ha mohlanka wa hao.


Ke sa ilo le batlela sengwathwana sa bohobe, le tle le thobe pelo tsa lona, ebe jwale le a feta, hobane le fapohetse ha mohlanka wa lona.” Yaba ba re: “Etsa jwalokaha o boletse.”


“ ‘Ha o tlisa nyehelo ya bohobe bo phehilweng ka onto, e be ba dikuku tse sa lomoswang, tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; kapa e be moqathane o tlotsitsweng ka ole ya mohlwaare.


A ba bolella setshwantsho se seng hape, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwana le tomoso, eo mosadi a ileng a e nka, a e dubella phofong ya koro e tekanyo di tharo, ho fihlela hlama kaofela e ba e lomoseha.”


lelakabe la tlola hodima aletare, la nyolohela lehodimong, lengeloi la Morena la nyoloha le le kahara lelakabe leo le tswang aletareng. Bo-Manowa le mosadi wa hae ba bona hona, mme ba itihela fatshe ka difahleho.


Se ke wa tloha mona, ke a o rapela, ho fihlela ke ba ke kgutlela mona ho wena, ke o tlisetsa nyehelo ya ka, ke e bea kapele ho wena.” Morena a re: “Ke tla ema mona ho fihlela o ba o kgutla.”


Lengeloi la Morena la re ho yena: “Nka nama le dikuku tse sa lomoswang, o di bee hodima lefika lena, o tshele moro hodima tsona.” Gideone a etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ