Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:13 - BIBELE

13 Gideone a re ho lona: “Monghadi wa ka, haeba Morena a ena le rona, ke ka baka lang ha re hlahetswe ke ntho ee? E kae mehlolo yohle ya hae, eo bo-ntata rona ba re boleletseng yona, ba re: ‘Na Morena ha a a re nyolla Egepeta?’ Empa jwale o re lahlile, o neelane ka rona matsohong a Bamidiane.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Gideone a re ho lona: Oho, Monghadi, ha ekaba Jehova a ena le rona, tseo tsohle di re hlaheletseng? E kae mehlolo ya hae kaofela eo bontata rona ba re boleletseng yona, ba re: Na hase Jehova ya re nyolotseng Egepeta? Jwale, Jehova o re furaletse, o bile o re neetse matsohong a Bamidiane!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Masea a ne a rahana ka popelong ya hae; yaba o re: “Haeba ho tjee, ekaba ke phelela eng?” A ya botsa Morena,


Yaba Asariya o ya kgahlanyetsa Asa, mme o fihla a re ho yena: “Wena Asa, le bohle ba morabe wa Juda le wa Benjamine, mmameleng! Morena o na le lona haeba le lona le ena le yena. Ha le mmatla le tla mo fumana, empa haeba le mo furalla le yena o tla le furalla.


O se mpatele fahleho sa hao; o se halefele mohlanka wa hao, wa mo leleka. Ke wena mothusi wa ka, o se ke wa ntebela; o se ke wa ntahla Modimo, mopholosi wa ka.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona, bo-ntata rona ba re phetetse tsohle tseo o di entseng mehleng ya bona, wa di etsa ka tsoho la hao, wa di etsa mehleng eo ya kgale.


Re rorisa Modimo kamehla, ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.


Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu?


“Mafutsana le bahloki ba batla metsi, empa metsi ha ba a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora. Empa nna Morena, ke tla ba araba, nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba furalla.


ke ha ba hopola matsatsi a fetileng, ba hopola Moshe le tjhaba sa habo, ba re: “O kae ya neng a tshedise modisa, a mo tshedisa le mohlape wa hae lewatleng? O kae ya neng a theole Moya o Halalelang wa hae, a o theolela hodima Moshe?


Wena ya leahong la hao le halalelang, le tlotlehang, tadima fatshe, o le lehodimong, o bone! E kae tjheseho ya hao, a kae matla a hao? E kae kutlwelobohloko ya hao, o kae mohau wa hao? Oho, Morena, o re hanetse ka tsona!


“Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: ‘Molaetsa wa Morena ke ofe?’ Wena o tle o re ho bona: ‘Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,’ ho rialo Morena.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Jwale ditjhaba tsohle di tla re: ‘Ke ka baka lang, ha Morena a entse naha ee tjee? Kgalefo e kaalekaale e bolelang?’


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bamidiane ka dilemo tse supileng.


Lengeloi la Morena la itlhahisa ho Gideone, la re ho yena: “Morena o na le wena, wena mohlabani wa senatla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ