Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 6:12 - BIBELE

12 Lengeloi la Morena la itlhahisa ho Gideone, la re ho yena: “Morena o na le wena, wena mohlabani wa senatla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Lengeloi la Jehova la mo hlahela, la re ho yena: Jehova o na le wena, monna wa senatla!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 6:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo a re ho yena: “Ke tla ba le wena, mme sena ke sesupo sa hore ke o romile: ha o se o ntshitse setjhaba seo naheng ya Egepeta, o tla sebeletsa Modimo thabeng ena.”


“Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme mora eo o tla rewa lebitso la Emmanuele,” e leng ho re: Modimo o na le rona.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Jwale lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le eme lehlakoreng le letona la aletare ya mokubetso.


Hoba le kene, la re ho yena: “Itumele, mohauhelwa, Morena o na le wena!”


“Ha le futuha, le eya ntweng ho ya lwantsha sera sa lona, mme le bona dipere le dikariki tsa ntwa, le batho ba le fetang ka bongata, le se ke la ba tshaba, hobane nna Morena Modimo wa lona, ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, ke na le lona.


Ha ho ya tla o ema kapele ka nako tsohle ha o ntse o phela. Ke tla ba le wena jwalokaha ke bile le Moshe; ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Jafeta wa Mogileade e ne e le mohlabani ya matla. E ne e le mora wa seotswa, ya tswetsweng ke Gileade.


Lengeloi la Morena la itlhahisa ho mosadi eo, la re ho yena: “Bona, o nyopa, empa o tla emola, o belehe ngwana wa moshanyana.


E ne e ye ere ha Morena a ba hlahisetsa moahlodi, Morena o ne a ye a be le moahlodi eo, a ba pholose matsohong a dira tsa bona, ka matsatsi wohle a ho phela ha moahlodi eo. Morena o ne a ba utlwela bohloko ka baka la ho dumaela ha bona ho bakwang ke ba ba hateletseng, ba ba robokelang.


Lengeloi la Morena la fihla, mme la dula katlasa sefate sa eike se Ofera, seo e neng e le sa Jowashe, wa Moabiesere. Gideone, mora wa Jowashe, o ne a ntse a polela koro setlhotlelong sa veine, hore a e patele Bamidiane.


Gideone a re ho lona: “Monghadi wa ka, haeba Morena a ena le rona, ke ka baka lang ha re hlahetswe ke ntho ee? E kae mehlolo yohle ya hae, eo bo-ntata rona ba re boleletseng yona, ba re: ‘Na Morena ha a a re nyolla Egepeta?’ Empa jwale o re lahlile, o neelane ka rona matsohong a Bamidiane.”


Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!” Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.”


Ha dipontsho tsena di phethahala, o etse seo o bonang se lokela, hobane Morena o na le wena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ