Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:6 - BIBELE

6 “Mehleng ya Shamegare mora wa Anate, mehleng ya Jaele ditsela tsa mela mohlwa, batsamai ba hlahlathela ka ditselana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mehleng ya Shamgare, mora Anathe, le mehleng ya Jaele, ditsela di ne di sa tsamauwe, baeti ba ne ba kgelohela ditseleng tse fapohileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:6
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehleng eo batho ba ne ba sa tsamaye ka kgotso, hobane baahi bohle ba dinaha tseo ba ne ba le hara meferefere e moholo.


Empa ba kgelohetseng ditseleng, ditseleng tse matswedintsweke, Morena a ke a ba leleke, a ba leleke le ba kgopo. Kgotso e ke e be teng Iseraele.


Mmila e meholo e setse e le feela, ditseleng le teng batsamai ha ba sa bonwa, selekane se senyehile, metse e nyedisitswe, ha ho sa le le ya hlomphehang.


Se tsweleng kantle la tsamaya hara naha, le ditseleng le se ke la tsamaya teng, hobane sera se hlometse ka disabole, tshabo le yona e fumanwa kahohle.”


Tsela tsa Sione di se di le bodutu, hoba ha ho ya tlang meketeng e halalelang. Kgoro tsa Sione tsohle ha di na batho, baprista ba yona ba qetwa ke mefehelo, barwetsana ba yona ba matshwenyehong. Sione e tlokotsing tse bohloko haholo.


Dira di disitse metsamao ya rona, re sitwa le ho tsamaya diterateng tsa rona. Bofelo ba rona bo se bo atametse, ditshiu tsa rona di se di badilwe, bofelo ba rona bo se bo fihlile.


Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa.


Ka baka la lona Sione e tla lengwa, e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa, Jerusalema e fetohe, e be masupi, thaba ya Tempele e ririellane difate.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Iseraele ya hloka babusi, ya ba hloka ho fihlela nna Debora ke ema ka maoto, ke le mma Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ