Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:5 - BIBELE

5 Dithaba tsa qhibidiha kapela Morena, le Sinai ya qhibidiha kapela Morena Modimo wa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Dithaba tsa sisinyeha pela Jehova, le yena Sinai pela Jehova, Modimo wa Iseraele!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:5
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

yena eo ereng ha a tadima lefatshe, lefatshe le thothomele, ha a ama dithaba di foqohe mosi.


Dithaba tsa thala jwaloka dipheleu, maralla jwaloka dikonyana.


Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele,


lefatshe la na la reketla, mahodimo a nesa pula mahlong a Modimo, Modimo wa Sinai, Modimo wa Iseraele.


Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso, jwaloka tshotso kapele ho Morena, e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle.


Thaba ya Sinai ya foqoha mosi, mme wa e aparela kahohle, kaha Morena a ne a theohetse ho yona, a le kahara mollo. Mosi wa foqoha jwaloka mosi wa sebopi, mme thaba yohle ya reketla haholo.


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


Re tshwana le bao o eso ba buse ho tloha kgale, ba eso ka ba bitswa ka lebitso la hao.


Ha a hlaha dithaba di a sisinyeha, maralla le wona a qhibidihe; lefatshe le a reketla ha Morena a hlaha, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Dithaba tsa o bona, yaba di a reketla, diphororo tsa metsi tsa phorosela, bodiba ba metsi le bona ba hwasa, yaba maqhubu bo a akgoletsa hodimo.


Lona ha le a tla thabeng e ka angwang ka matsoho, e tukang malakabe, e lefifi, e ntsho, e hara sefefo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ