Hona kajeno, dikgosatsana tsa Peresiya le Media tse utlwileng tsa boitshwaro bona ba mofumahadi, di tla etsa jwalo ho mahosana a kgosi, mme ho hlomphollana le ho halefelana ho ke ke ho hlola ho fela.
“Mma Sisera a hlaha ka fesetere a qamaka, a howa a le kamora lesira, a re: ‘Kariki ya hae ya ntwa e diehile hakaakang? Diqi tsa dipere tsa hae ha di utlwahale keng?’
‘Ba hapile, ba arolelana tsa kgapo, mohlabani ka mong o abelwa morwetsana, kapa o abelwa barwetsana ba le babedi; Sisera o abelwa seaparo se mebala, seaparo se mebala, se homilweng; aparo tse pedi, tse homilweng, tsa molaleng, ke tsa ka!’