Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:2 - BIBELE

2 “Kaha baetapele ba Iseraele ba eteletse Baiseraele pele, kaha setjhaba se ikentse sehlabelo ka boithaopo, lona rorisang Morena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bokang Jehova! hobane banaila ba eteleditse Baiseraele pele ntweng, le sona setjhaba se itlisitse teng ka ho rata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:2
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e mong e le Amasiya, mora wa Sikeri, ya ileng a ithaopela ho sebeletsa Morena. E ne e le molaodi wa bahale ba dikete tse makgolo a mabedi.


Setjhaba sa lakaletsa batho bohle ba ileng ba ithaopela ho aha Jerusalema lehlohonolo.


Boka Morena, wena moya wa ka; o se ke wa lebala melemo yohle ya hae.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


A dihela Faro le mabotho a hae, a a dihela Lewatleng la Sufe; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Modimo o a phela! Ho bokwe Lefika la ka! Modimo, mopholosi wa ka, a ke a thoholetswe!


Jwaloka lebitso la hao Modimo, thoriso ya hao e fihla jwalo, e fihla jwalo pheletsong tsa lefatshe. Tsoho la hao le letona le tletse toka.


Morena, wena Modimo ya phetetsang, ako iponahatse, wena Modimo ya phetetsang.


Sione e utlwile, mme e a thaba, metse ya Juda e a nyakalla, ka baka la dikahlolo tsa hao, wena Morena.


Hoja ke etsa mosebetsi ona ka boithaopo, ke ne ke tla lebella moputso, empa kaha e se ka boithaopo, ke phetha feela mosebetsi oo ke o abetsweng.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


“Lona mahodimo thoholetsang le yena; o phetetsa madi a bahlanka ba hae, o buseletsa ba mo hloileng. O tshwarelwa tjhaba sa hae le naha ya sona.”


Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.’


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


Pelo ya ka e rata balaodi ba Iseraele, lona ba ikentseng sehlabelo sa setjhaba ka boithaopo, lona rorisang Morena!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ