Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 5:11 - BIBELE

11 Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moo metsi a kguwang didibeng, ba fulang ka diqha ba ke ba rorise ditshitso tsa Jehova ka mantswe a bona, ditshitso tsa molaodi wa bona Iseraeleng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 5:11
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona.


Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.


Ha mehlape e bokane moo, badisana ba ne ba ye ba le phikolose, le tlohe molomong wa sediba, ba nwese dinku, ba boele ba le busetse ditulong tsa lona, molomong wa sediba.


“Ha ke ne ke eya kgorong ya motse, ke bea tulo sa ka lebaleng la motse,


Ba tla etsa kgopotso ya molemo wa hao o moholo, ba etsetse ho loka ha hao ditlatse.


Molomo wa ka o tla bolela tsa ho loka, o bolele tsa ho loka ha hao, le tsa ho pholosa ha hao kamehla, le hoja nke ke ka tseba ho di bala.


Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho.


E tla ba moya wa toka ho ba okametseng kahlolo, le wa bonatla ho ba phumelang sera kgorong ya motse.


“Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: ‘Mamelang lentswe la Morena, lona bohle ba morabe wa Juda, ba kenang ka monyako ona ho tla kgumamela Morena.


Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete, patsi re e fumana ka ho e reka!


Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng.


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


bobedi ba bona o tla ba ntshetsa kantle ho kgoro ya motse, ba tlepeletswe teng ka majwe, ba be ba shwe. Ngwanana a bolawe hobane ha a a ka a hlaba mokgosi le hoja a ne a le kahara motse, monna le yena a bolawe hobane a tlontlolotse mosadi wa monna e mong. Ka mokgwa ona, o tla fedisa bokgopo kahara lona.


Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.’


wa hore ka selemo se seng le se seng barwetsana ba Baiseraele ba yo llela moradi wa Jafeta wa Mogileade ka matsatsi a mane.


Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?


Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ