Hoba Jehoshafate a rerisane le setjhaba, a kgethela Morena dibini tse neng di tla rorisa Morena di kgabile ka tse halalelang, ha di ntse di eteletsa lebotho pele. Di ne di bina, di re: “Rorisang Morena, hobane mohau wa hae ke wa kamehla yohle.”
Jwale bohle ba setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, ba kgutlela Jerusalema ka thabo, ba eteletswe pele ke Jehoshafate. Ba ne ba thabile, hobane Morena a ne a ile a etsa hore ba hlole dira tsa bona.
Sa motsamaisi wa dibini. Sefela sa Davida, mohlanka wa Morena, seo a neng a se binele Morena, mohla Morena a mo namoletseng matsohong a dira tsa hae, le matsohong a Saule,
Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Morena sefela sena, ba re: “Ke tla binela Morena, hobane ruri o itlotlisitse ka tlholo; o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.
Meriama a phokola sefela, a re: “Binelang Morena, hobane ruri o itlotlisitse, o itlotlisitse ka tlholo, o lahletse pere le mopalami wa yona ka lewatleng.”
Oho, Morena, ke wena Modimo wa ka, ke tla o tlotla, ke rorise lebitso la hao, hobane wena o entse dimakatso, merero ya hao ya kgale e a tshepeha, ke ya nnete.
Anna a rapela, mme a re: “Pelo ya ka e nyakalletse Morena, ke tsoha molota ka ba ka la Morena; molomo wa ka o tseba ho soma dira tsa ka, hobane ke nyakaladitswe ke topollo ya hao.