Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:7 - BIBELE

7 Sisera, molaodi wa mabotho a Jabine, ke tla mo nonoeletsa molatswaneng wa Kishone, a tle ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka mabotho a hae, ebe ke neelana ka yena matsohong a hao.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tla hulela ho wena, molapong wa Kishone, Sisera, molaodi wa makgotla a Jabine, le makoloi a hae, le setjhaba sa hae, mme ke tla ba neela matsohong a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:7
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.


Bona, ke tla thatafatsa dipelo tsa Baegepeta, mme ba tla ba sala morao. Ke tla itlotlisa ka Faro, le ka mabotho a hae, le ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka bapalami ba hae.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, mme o tla le phaladisa. Ke tla itlotlisa ka Faro le ka lebotho la hae kaofela. Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena.” Yaba Baiseraele ba etsa jwalo.


Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, kgosi ya Egepeta, mme a phaladisa bana ba Iseraele, ba neng ba tsamaya ba le motlotlo.


Ha a ne a sa mo lalla, a mpa a mmolaile e se ka morero, ke tla o kgethela moo a tla balehela teng.


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane ke se ke o neile bona. Ha ho monna le ya mong wa bona ya tla ema kapele ho wena.”


Morena o ne a thatafaditse dipelo tsa bona, hore ba tle ba lwantshe Baiseraele, e le hore ba tle ba timetswe ho hang, ba se ke ba hauhelwa; ba timetswe jwalokaha Morena a laetse Moshe.


Morena a re ho Joshua: “O se ke wa ba tshaba, hobane hosasane, ka yona nako ena, ke tla neelana ka bona ho Baiseraele e se e le ditopo. O tla kgaola mesifa ya dipere tsa bona, dikariki tsa bona tsa ntwa tsona o di tjhese ka mollo.”


Jwale lona le tla tswa moo le ipatileng teng, le hape motse. Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka wona matsohong a lona.


Debora a re ho Barake: “Tsamaya! Lena ke letsatsi leo ka lona Morena a neelanang ka Sisera matsohong a hao. Ha ke re Morena o se a o eteletse pele?” Barake a theoha thabeng ya Tabore, a ena le banna ba dikete tse leshome.


Barake a re ho yena: “Haeba o tla tsamaya le nna, ke tla tla ya, empa haeba o sa tsamaye le nna, ha ke na ho ya.”


Molapo wa Kishone wa ba hohola, molapo wa boholoholo, molapo wa Kishone; ba hatakele ka matla, wena moya wa ka!


Kajeno lena o bone kamoo Morena a neng a neelane ka wena matsohong a ka kateng, ha o le ka lehaheng. Ba bang ba ne ba re ke o bolaye, empa ke ile ka o hauhela, ka re: ‘Nke ke ka isa monga ka letsoho, hobane ke motlotsuwa wa Morena.’


Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ