Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:4 - BIBELE

4 Ka nako eo, moporofeta Debora, mosadi wa Lapidote, e ne e le yena moahlodi wa Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mohlang oo, Debora, moporofeta wa mosadi, mohatsa Lappidothe, o ne a ahlola Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale moprista Hilekiya, le Ahikama, le Akabore, le Shafane, le Asaya, ba ya ho Hulada, moporofeta wa mosadi, mohatsa Shalome, mora wa Tikefa, setloholo sa Harahase, molebedi wa diaparo tsa Tempele. Moporofeta eo o ne a ahile karolong e ntjha ya Jerusalema. Ba fihla ba buisana le yena.


Yaba ke re: “Modimo wa ka, ako hopole Tobiya le Sanebalate, ka baka la mesebetsi ya bona; o hopole le Nowadiya, moporofeta enwa wa mosadi, le baporofeta ba bang, ba neng ba leka ho ntshosa.”


Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.


“Ka mokgwa o jwalo, wena ngwana motho, fahleho sa hao a se ke se tadimane le baradi ba setjhaba sa heno, ba hlahisang boporofeta bo itswelang mehopolong ya bona. Wena o porofete, o ba hanyetse,


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


Ho ne ho ena le moporofeta wa mosadi, ya bitswang Anna, moradi wa Fanuele, wa leloko la Asere. Anna eo o ne a se a tsofetse haholo, a ile a phela le monna ka dilemo tse supileng ho tloha borwetsaneng ba hae.


Monna enwa o ne a ena le baradi ba bane, ba barwetsana, ba neng ba porofeta.


Mosadi e mong le e mong ha a rapela kapa a porofeta, a sa rwala letho hloohong, o tlontlolla monna wa hae; ha ho phapano mahareng a hae le mosadi ya kutileng lekorana.


Jwale ha ho sa le Mojuda kapa moditjhaba, ha ho sa le lekgoba kapa molokollwa, ha ho sa le monna kapa mosadi, hobane lona bohle le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi.


Debora o ne a ye a dule tlasa sefate sa hae sa palema, pakeng tsa Rama le Bethele, naheng e maralla ya Efraime. Bana ba Iseraele ba ne ba ye ba ye ho yena ho ya ahlolelwa.


Ka lona letsatsi leo Debora, le Barake, mora wa Abinoame, ba bina, ba re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ