Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:21 - BIBELE

21 Jwale Jaele, mosadi wa Hebere, a nka thakgisa ya tente, a nka le noto ka letsohong, a mo nanyetsa, a kgokgothella thakgisa eo tlhafunelong ya hae, ya phunyeletsa ho ya fihla fatshe. Sisera o ne a ile le sephume sa boroko, a kgathetse. Yaba o a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Jaele, mosadi wa Hebere, o nka sethakgisa sa tente, a tshwara le noto ka letsoho la hae; a atamela Sisera ka ho nanya, a ntse a robetse haholo, a kgathetse, mme a mo hlaba hlafunelong ka sethakgisa, sa ba sa tshwela fatshe. Sisera a shwa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:21
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ke tshabe diketekete tsa batho tse ntikileng kamahohle.


hobane ho ngotswe, ho thwe: “Ke tla timetsa bohlale ba bahlalefi, ke fedise kelello ya ba masene.”


Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla;


A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.


Ehude a ntsha letsoho la leqele, a hula sabole e qholong ya letsoho la hae le letona, a mo phehlela ka yona mpeng.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Sisera a re ho Jaele: “Ema monyakong wa tente, mme ere ha motho a ka fihla, a o botsa, a re: ‘Na ho na le motho moo?’ Wena o tle o re: ‘Tjhe!’ ”


Yare ha Barake a ntse a phaladisa Sisera, Jaele a ya mo kgahlanyetsa, a re ho yena: “Tloo, ke tla o bontsha motho eo o ntseng o mmatla.” Barake a kena ka tenteng ya Jaele, mme a bona Sisera a tjapaletse fatshe, a se a shwele, thakgisa e kene tlhafunelong ya hae.


Debora a re: “Ruri ke tla tsamaya le wena, empa leeto leo o le nkang ha le na ho o tlisetsa tlotla, hobane Morena o tla neelana ka Sisera matsohong a mosadi.” Yaba Debora o a ema, o tsamaya le Barake ho ya Kedeshe.


Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ