Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:2 - BIBELE

2 Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jehova a ba rekisetsa matsohong a Jabine, morena wa Kanana, ya neng a busa Hatsore; molaodi wa makgotla a hae e ne e le Sisera, ya ahileng Haroshethe-Gojime.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:2
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota.


Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.


Kaha a ne a hloka seo a neng a ka lefa ka sona, monga hae a laela hore a rekiswe hammoho le mosadi wa hae, le bana ba hae, le tsohle tseo a nang le tsona, mme ho lefshwe.


Ha Jabine, kgosi ya Hasore, a utlwa ditaba tsena, a romela molaetsa ho Jobabe, kgosi ya Madone, le ho kgosi ya Shimerone, le kgosi ya Akashafe.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.


Sisera a bokella dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, e le dikariki tse makgolo a robong tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe; le mabotho wohle ao a neng a ena le wona, ho tloha Haroshete ya Baditjhaba ho ya fihla molatswaneng wa Kishone.


Barake a phaladisa dikariki le lebotho ho ya fihla Haroshete ya Baditjhaba, moo lebotho lohle la Sisera le ileng la bolaelwa teng ka sabole, ha se ke ha sala le ya mong.


“Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ