Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:16 - BIBELE

16 Barake a phaladisa dikariki le lebotho ho ya fihla Haroshete ya Baditjhaba, moo lebotho lohle la Sisera le ileng la bolaelwa teng ka sabole, ha se ke ha sala le ya mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baetsadibe ba ke ba fele lefatsheng, ba kgopo ba se hlole ba eba teng. Boka Morena, wena moya wa ka. Haleluja!


Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,


le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota.


Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha.


ya ntshitseng dipere le kariki tsa ntwa, a ntsha mabotho le mekgahlelo ya wona, mabotho a rapalla moo, a rapallela ruri, a fediswa seka lebone le tingwa:


Bohle ba sitilweng ba sa tsebe Molao wa Moshe, ba tla timela ba ntse ba sa tsebe Molao oo, empa bohle ba sitilweng ba ntse ba tseba Molao wa Moshe, ba tla ahlolwa ka Molao oo.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.


Morena a neelana ka bona matsohong a Baiseraele, ba ba bolaya, ba ba phaladisa ho ya fihla Sidone e Kgolo, le ho ya fihla Miserefote-Maime, le ho ya fihla kgohlong ya Misepa, ka botjhabela. Ba ba bolaya, ba se ke ba siya le ya mong.


Empa Sisera a hlanola tlhabela ho ya fihla tenteng ya Jaele, mosadi wa Hebere wa Mokene, hobane kgotso e ne e le teng pakeng tsa Jabine, kgosi ya Hasore, le lelapa la Hebere wa Mokene.


Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ