Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:15 - BIBELE

15 Morena a qhalanya Sisera le dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, le lebotho la hae lohle ka sabole, kapele ho Barake. Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa, a hlanola tlhabela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova a qhala Sisera pela Barake, le makoloi a hae kaofela, le makgotla a hae kaofela ka bohale ba lerumo, mme Sisera a theoha koloing ya hae, a baleha ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:15
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


Empa Morena Modimo wa lona, o tla neelana ka ditjhaba tsena matsohong a lona, a di ferekanye ka pherekano e kgolo, ho fihlela di timetswa.


Ke tla reng hape? Nka haellwa ke sebaka sa ho lokodisa tsa Gideone, Barake, Samosone, Jafeta, Davida, Samuele le baporofeta.


Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.


Yare ha Samuele a ntse a etsa nyehelo ya setjheso, Bafilesita ba atamela ho tla lwantsha Baiseraele. Empa ka lona letsatsi leo, Morena a otla Bafilesita ka letolo le leholo, a ba ferekanya, mme ba bolawa ke Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ