Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 4:11 - BIBELE

11 Jwale Hebere wa Mokene o ne a ikarohantse ho Bakene, e leng ditloholo tsa Hobabe, mohwe wa Moshe, a hlomme tente ya hae tlasa sefate sa eike se Saananime, e pela Kedeshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Haele Hebere, Mokene, o ne a kgaohane le Bakene ba bang, bana ba Hobabe, mohwehadi wa Moshe, mme o ne a ile, a hlomile tente ya hae pela sefate sa eike se Tsaannaime, haufi le Kedeshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 4:11
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta.


Ha ba fihla ho ntata bona, Reuele, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le tlile kapele, kajeno?”


Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Moshe a re ho Hobabe, mora wa Reuele wa Momidiane, e leng mohwe wa Moshe: “Re tswela pele leetong la ho ya sebakeng seo Morena a ileng a re: ‘Ke tla le nea sona.’ Tsamaya le rona mme re tla o etsetsa tse molemo, hobane Morena o tshepisitse Iseraele tse molemo.”


Haeba o eya le rona, molemo oo Morena a re etsetsang wona, le rona re tla o etsetsa wona.”


A tadima Bakene, mme a porofeta, a re: “Leaho la hao ke qhobosheane e thata, sehlaha sa hao se hahilwe hodima lefika;


Moedi wa bona o ne o tloha Helefe, le sefateng se seholo sa Saananime, le Adami-Nekebe, le Jabeneele, ho ya fihla Lakume, mme o fella Jorodane.


Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.


Ba tsebisa Sisera hore Barake, mora wa Abinoame, o nyolohetse thabeng ya Tabore.


A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.


Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.


Ha Akishe a botsa Davida, a re: “O ne o hlasetse kae kajeno?” Davida o ne a ye a re: “Ka borwa ho naha ya Juda,” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Jerahemeele” kapa a re: “Ka borwa ho naha ya Bakene.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ