Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:31 - BIBELE

31 Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Kamora Ehude, Shamgare, mora Anathe, a bolaya Bafilesta ba makgolo a tsheletseng ka tsenene ya dipholo, a namolela Iseraele le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:31
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.


Morena a re ho bana ba Iseraele: “Na ha ke a ka ka le namolela ho Baegepeta, le ho Baamore, le ho Baamone, le ho Bafilesita?


Bana ba Amone ba phutheha, ba hloma Gileade. Bana ba Iseraele le bona bo kopana, ba hloma Misepa.


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.


A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.


Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang.


Ka lona letsatsi leo, Bamoabe ba hlolwa, ba ba katlasa Baiseraele. Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a robedi.


Ha Ehude a se a shwele, bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena.


“Mehleng ya Shamegare mora wa Anate, mehleng ya Jaele ditsela tsa mela mohlwa, batsamai ba hlahlathela ka ditselana.


Ba ikgethela medimo e metjha, ntwa ya eba teng kgorong tsa metse ya bona. Hara ba kete tse mashome a mane tsa Baiseraele, na ho kile ha bonwa thebe kapa lerumo?


“Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.


Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ