Baahlodi 3:3 - BIBELE3 Ditjhaba tseo ke tsa marena a mahlano a Bafilesita, le Bakanana bohle, le Basidone, le Bahife, e leng baahi ba thaba ya Lebanone, ho tloha Baale-Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)3 Ke marena a mahlano a Bafilesta, le Bakanana kaofela, le Basidone, le Baheve ba ahileng thabeng ya Lebanone, ho tloha thabeng ya Baale-Hermone ho isa makgalong a Hamathe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.
Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.
Bafilesita ba kopana ho lwantsha Baiseraele. Ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse dikete tse mashome a mararo, le bapalami ba dipere ba dikete tse tsheletseng. Bahlabani ba ne ba le bangata jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle. Bafilesita ba nyoloha, ba hloma Mikemase, ka botjhabela ho Bete-Afene.
Palo ya ditweba tse bopilweng ka kgauta e ne e lekana le palo ya metse yohle ya dikgosi tse hlano tsa Bafilesita, e nang le diqhobosheane le e se nang diqhobosheane. Le kajeno-ya-bokajeno lefika le leholo, leo areka ya Morena e neng e bewe hodima lona, le ntse le le teng tshimong eo ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, e le bopaki ba se ileng sa etsahala.
Bafilesita ba boela ba botsa, ba re: “Nyehelo e tlosang sebe, eo re tla mo romela yona, e ka ba ya eng?” Yaba ba re: “E be ditshwantsho tse hlano tsa mathopa a mokoteng, tse bopilweng ka kgauta, le ditweba tse hlano tse bopilweng ka kgauta, ho latela palo ya dikgosi tsa Bafilesita, hobane lona bohle, le dikgosi tsa lona, le ile la otlwa ka sewa se tshwanang.