Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:17 - BIBELE

17 Yaba o nea Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo eo. Egelone e ne e le pesolahadi ya monna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 A beela Eglone, morena wa Moabe, nyehelo. Eglone yena e ne e le motho ya nonneng haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Le hoja a le fahleho se matlebele, theka la hae le le maphethephethe,


ba fetoha lesupi ka ho panya ha ntshi, ba fedile, qetello ya bona ke e tshosang.


Mahlo a bona a rotolohile ke mafura, ka dipelong ba tletse mehopolo ya bowatla.


Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena ho bona: “Bonang, nna ka sebele ke tla le ahlola, ke kgethe nku e nonneng ho e otileng.


Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.


Ha Ehude a se a neelane ka nyehelo, a re ho batho ba neng ba nkile nyehelo eo, ba tsamaye.


Ka yona nako eo ba bolaya banna ba Moabe ba ka bang kete tse leshome, bohle e le banna ba dikwankwetla, le banna ba bahlabani, mme ha se ke ha phonyoha le ya mong.


Jwale ke ka baka lang ha o hlompholla sehlabelo sa ka, le nyehelo ya ka, eo ke laetseng hore e etswe ka leahong la ka; ebe o tlotla bara ba hao ho mpheta, hore o inontshe ka tse monatenate tsa dinyehelo tsohle tsa Baiseraele, e leng setjhaba sa ka?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ