Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:16 - BIBELE

16 Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ehude a iketsetsa sabole e mahale a mabedi, bolelele ba yona e le setswe se le seng; mme a e tlama seropeng sa hae se setona katlasa dikobo tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha ba fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a kgahlana le bona. Joabe o ne a apere seaparo sa bohlabani, se tlamilweng ka leqhama le nang le sabole. Sabole eo e ne e le ka selateng sa yona, e tlameletswe thekeng ho yena. Ha a ntse a tsamaya, sabole eo ya monyohela fatshe.


Ba tumise Modimo ka melomo ya bona, ba ntse ba tshwere sabole, sabole e sehang kamahohle;


O motle ho feta bana bohle ba batho, molomo wa hao o a kgahleha, hobane Modimo o o hlohonolofatsa kamehla.


Kaofela ha bona ba hlometse ka disabole, kaofela ha bona ntwa ba e tlwaetse, disabole di leketla qholong tsa bona, ba laletse ha mokgosi wa bosiu o hlajwa.


Lentswe la Modimo le a phela, le a sebetsa. Le bohale ho feta disabole tsohle tse sehang kamahohle. Le phohlotsa ho ya fihla moo bophelo le moya di kopanang teng, manonyeletsong le mokong. Le ahlola mehopolo le merero ya pelo.


Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng. Ka molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e sehang kamahohle. Sefahleho sa hae se ne se le jwaloka letsatsi ha le kganya haholo.


“Ngolla moruti wa kereke e Peregamose, o re: “Tsena di bolelwa ke ya tshwereng sabole e bohale, e sehang kamahohle,


Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.


Yaba o nea Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo eo. Egelone e ne e le pesolahadi ya monna.


Ehude a ntsha letsoho la leqele, a hula sabole e qholong ya letsoho la hae le letona, a mo phehlela ka yona mpeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ