Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:15 - BIBELE

15 Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova, mme Jehova a ba hlahisetsa monamoledi, Ehude, mora Gera, Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba romela nyehelo ka yena ho Eglone, morena wa Moabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:15
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Amasa a se ke a tsotella sabole e ka letsohong la Joabe. Joabe a mo hlaba ka yona mpeng, mala a petletsehela fatshe, mme Amasa a shwa Joabe a sa mo pheta le ho mo pheta. Jwale bo-Joabe le Abishai ngwanabo, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.


Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.


Ba ne ba hlometse ka diqha, mme ha ba betsa majwe ka matjeketjane, kapa ba fula ka metsu, ba ne ba tseba ho sebedisa matsoho a matona kapa a matshehadi ka ho tshwana. E ne e le ba morabe wa Benjamine, e le bang ka Saule.


Bara ba Bela e ne e le Adare, le Gera, le Abihude,


Motho ka mong a mo tlisetsa dimpho tsa hae, dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimmeile. Hona ho ne ho etsahala ka selemo le selemo.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Eitse ha Modimo a ba bolaya, ba qala ho mmatla, ba kgutlela ho yena, ba mmatla hape;


Ako re thabise ka matsatsi a lekanang le ao o re hlokofaditseng ka wona, le ka dilemo tse lekanang le tseo re bileng madimabe, ra ba madimabe ka tsona.


Mpho e betlela mofani tsela, e mmee kapele ho mahosi a hae.


Ba bangata ba qekisa ho ratwa ke kgosi, bohle ke metswalle ya ya fanang dimpho.


Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang.


“Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,


‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’


Morena a ba hlahisetsa baahlodi ba ileng ba ba pholosa matsohong a dinokwane tse ba senyetsang.


Banna bana bohle, ba kgethilweng, ba makgolo a supileng, e ne e le ba maqele. E mong le e mong wa bona o ne a ka betsa qoba ya moriri ka letjeketjane, mme a se ke a e fosa.


Bana ba Iseraele ba sebeletsa Egelone, kgosi ya Moabe, ka dilemo tse leshome le metso e robedi.


Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.


Ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi ya ileng a ba namolela. Ke Oteniele, mora wa Kenase, moena wa Kalebe.


Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi.


Empa banna ba bang ba kgopo ba re: “Motho eo o tla re namolela jwang?” Ba mo nyedisa, mme ba se ke ba mo nea dimpho. Empa Saule a ikgaohanela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ