Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 3:12 - BIBELE

12 Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a matlafatsa Egelone, kgosi ya Moabe, hore a hlole Baiseraele, hobane ba ne ba sitetswe Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme Jehova a tsosa Eglone, morena wa Moabe, hore a lwantshe Baiseraele, kahobane ba entse ho leng hobe pela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 3:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naamane, molaodi wa lebotho la kgosi ya Arame, e ne e le motho e moholo, wa bohlokwa, ho monga hae, hobane ke ka yena Morena a ileng a lopolla Arame. E ne e le mohale wa senatla, feela e le molepera.


empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


“Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, e be masupi.


O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona.


“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.


“Oho, wena kgosi, Modimo ya hodimodimo o ne a nee ntatao Nebukadenesare, mmuso le botlotlehi le tlotla le hlompho.


Empa Morena o re: “Wena Efraime, ke etse jwang ka wena? Wena Juda, ke etse jwang ka wena? Rato la lona le ka mohodi o thibang hoseng, le ka phoka ya meso e nyamelang kapele.


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Empa e ne e ye ere ha moahlodi a eshwa, ba boele mekgweng ya bona, ba etse tse kgopo le ho feta bo-ntata bona; ba boele ba latele medimo e meng, ba e sebeletse, ba e kgumamele. Ba ne ba sa ke be ba tlohele mesebetsi ya bona e kgopo, kapa manganga a bona.


Naha ya eba le kgotso ka dilemo tse mashome a mane. Yaba Oteniele, mora wa Kenase, o a shwa.


“Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ