Baahlodi 21:7 - BIBELE7 Baa ba setseng re tla etsa jwang ka bona hore ba be le basadi, kaha re hlapanyeditse Morena hore re ke ke ra neana ka baradi ba rona hore ba ba nyale?” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)7 Re tla ba etsetsa jwang hore re nee ba setseng basadi, haele moo re hlapantse ka Jehova, ra re, re ke ke ra ba neela baradi ba rona e be basadi ba bona? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.