Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baahlodi 21:21 - BIBELE

21 Le lebelle, mme e tle ere ha le bona barwetsana ba Shilo ba etla motjekong, le ropohe hara dirapa tsa morara, monna e mong le e mong a ikabe ka mosadi wa hae hara barwetsana bao ba Shilo, a ikele naheng ya morabe wa Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Le tadime, mme ha le bona barwetsana ba Silo ba etswa hae ho etsa mehobelo, le tswe masimong a merara; e mong le e mong a ikgapele mosadi hara barwetsana ba Silo, mme le ye le bona naheng ya Benjamine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baahlodi 21:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a apara setipe se entsweng ka lesela la lene, a hobela ka matla a hae kaofela, a isa hlompho ho Morena.


Yaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke hobella Morena ya nkgethileng ho ena le ntatao le ba ntlo ya hae yohle, hore ke be kgosi ya setjhaba sa Morena sa Baiseraele; ke ka baka leo ke neng ke hobela kapele ho Morena.


Ba ke ba rorise lebitso la hae, ba le rorise ka mehobelo, ba mo roke ka moropa le ka harepa.


Mo roriseng ka moropa le ka mohobelo, mo roriseng ka seletsa se dikgwele, le ka makodilo;


Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.


nako ya ho lla le nako ya ho tsheha, nako ya maswabi le nako ya mohobelo;


Kgutla! Kgutla! Mosetsana wa Moshulame! Kgutla! Kgutla! Re tsebe ho o tadima! Le tadimelang mosetsana wa Moshulame, sa ha le tadima mabotho a teanya ditheko?


Barwetsana ba tla etsa motjeko, ba nyakalle, ba nyakalle ba ena le bahlankana le wona maqheku. Bofifi ba bona bo tla fetoha e be thabo, ke ba tshedise, maswabi a bona e be nyakallo.


Hlokomelang batho, hobane ba tla neelana ka lona makgotleng, ba le shape matlung a bona a thapelo.


Empa eka kgona a hlokofatswe haholo pele, a be a lahlwe ke moloko ona.


Ha Jafeta a kgutlela ha hae, moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa meropa, a etsa motjeko. E ne e le yena feela ngwana wa hae; ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi e mong.


Ba laela ba morabe wa Benjamine, ba re: “Tsamayang le yo lalla hara dirapa tsa morara.


Ha Davida a kgutla le mabotho, a tswa bolaya Goliate, basadi ba tswa metseng yohle ya Iseraele, ba tla ba bina, ba bile ba etsa motjeko, ho kgahlanyetsa kgosi Saule. Ba ne ba letsa meropa le diharepa, ka thabo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ